Haeba bana ba kgathatswa ke ho kula ha nako e telele, COVID-19 e ka etsa hore ba kule le ho feta. Bana ke bana ba kgathatswang ke ho kula ba dulang ba ya tleliniking le ngakeng kgafetsa. Ka mohlala bana bana ba akaretsa: ba tshwerweng ke lefu la tswekere, lefu la pelo, asthma, TB, kankere, lefu la diphio, lefu la boko le HIV. Haeba ngwana wa hao o na le le leng la mafu ana o lokela dula hae le ho qoba ho kopana le batho bang (bana le batho ba baholo). Ho ka nna ha hlokahala hore ngwana ya jwalo a se ke a ya sekolong, empa o lokela ho buisana le ngaka ka sena.
Ditho tsa lelapa di lokela ho itlhokomela haholo haeba ho e na le ngwana ya nang le malwetse ana lapeng. Di lokela ho sielana sebaka, ho hlapa matsoho kgafetsa le ho rwala maske wa lesela ka dinako tsohle ha di le haufi le ngwana.