Haeba le dula le motho ya ka hodimo ho dilemo tse 65, ya nonneng haholo, ya nang le lefu la tswekere, phallo e hodimo ya madi kapa lefu la matshwafo.
- Bana bohle ba ka hodimo ho dilemo tse pedi ba lokela ho rwala dimaske le ho siya sebaka dipakeng (dimithara tse pedi) tsa bona le motho ya kotsing.
- Batho ba kotsing e kgolo ba lokela ho sebedisa dithaole, dikopi, dijo, dithipa le dikgaba tsa bona ba le bang. Hape ha ba a lokela ho di kopanya le tse ding ha ba di hlatswa.
- Dibaka tse sebediswang ke batho bohle ka tlung (kitjhini, ntlwana) di lokela ho hlwekiswa ka bleach kgafetsa. Netefatsa hore o beha bleach sebakeng se sireletsehileng moo bana ba kekeng ba bo fihlela!