Categories
Sesotho

How do I deal with changes in how services work: Nka sebetsana jwang le diphetoho?

Maemo a thata a COVID-19 a tlisitse diphethoho tseleng ya ditshebeletso. O ka nna wa kopana le diphetoho tleliniking, seteisheneng sa sepolesa kapa ditshebeletsong tsa setjhaba le tsa bophelo. Ho ka boela ha etsahala hore bafani ba ditshebeletso ba sa ntse ba ithuta mekgwa e metjha ya tshebetso mme ha ba so tsebe hantle kamoo ba lokelang ho tsamaisa dintho kateng. Sena se ka etsa hore maemo a be thata bakeng sa hao le bona. Haeba o ikemisetsa ho amohela diphethoho, seo se tla etsa hore dintho di be bonolo. O ka thuswa ke ho nahana hore o ile wa hlola mathata le diphephetso tsa nakong e fetileng jwang.