Categories
PIP Sesotho

How do I safely use and store sanitisers and disinfectants at home: Ho sebedisa dibolaya-dikokwanahloko lapeng

Hona jwale batho ba bangata ba se ba sebedisa bleach le dibolaya-dikokwanahloko tse tlotsang matsoho, kahoo netefatsa hore o di BEHA HOLE MOO BANA BA KEKENG BA DI FIHLELA.

  • O se ke wa tshela dibolaya-dikokwanahloko ka dibotlolong tse ka etsang hore batho ba nahane hore ke senomaphodi kapa metsi.
  • Hlatswa dijana tsohle tseo bana ba hao ba di sebedisang mmoho le dibapadiswa tseo ho ka etsahalang hore ba di je ka metsi a sesepa.
  • O se ke wa phumula dijana le dibapadiswa tsa bana ka bleach hobane sena e ka ba tjhefu ho bona haeba ba di ja. Ho e na le hoo, sebedisa metsi a sesepa.
  • Bana ba baholo ba ka kgona ho itlhokomela, kahoo o lokela ho ba hlalosetsa mabaka a hore ke hobaneng ha o re ba etse dintho ka tsela e itseng.
  • Bana ba lokela ho hlapa matsoho kamehla pele le kamora hore ba je. Ba lokela ho itlwaetsa ho a hlapa kgafetsa ka metsi le sesepa esita le ha ba sa etse letho.
  • O ka bapadisa bana ba hao mme wa ba ruta pina eo ba ka e binang ha ba hlapa matsoho.