Batho ba nang le COVID-19 ba lokela ho ikarola ho ba bang e le hore vaerase e se ke ya nama. Mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle o tla o bolella hore na o lokela ho ikarola ho ba bang ka matsatsi a makae mme o ka buisana le yena hore na o ka ikarola o le lapeng kapa o le setsing sa bophelo bo botle. Ho ikarola ho bolela ho se ikopanye le batho ba bang le ho se tswe moo o leng teng.
Haeba ho e na le motho e mong ya ka o thusang lapeng (ya se nang tshwaetso ya COVID-19), mo kope hore a o thuse ho hlokomela bana.
Haeba o na le COVID-19 mme o tlameha ho hlokomela bana nakong eo o ikarotseng lapeng:
Tlhokomelo e akaretsang:
- Qoba ho suna masea le bana ka hohle kamoo o ka kgonang. Ba shebe mahlong, o bososele mme le bapale dipapadi tse kang ya peek-a-boo le sa atamelana (dimithara tse pedi kapa sebaka sa ditulo tse pedi dipakeng)
- Rwala maske wa lesela ha o na le ngwana wa hao. O se ke wa itshwara sefahleho.
- O se ke wa tshwara mahlo kapa molomo wa ngwana wa hao
- O se ke wa butswela ngwana sefahlehong
- Netefatsa hore ha o kopanye dijana tsa hao, dithaole le maske le tsa bana ba hao. O se ke wa di kopanya le tsa batho bohle ha o di hlatswa.
- Ha o qeta ho kgohlella kapa ho ithimolela setsweng kapa thishung, e lahlele ka moqomong. Hlapa matsoho hanghang ka metsi le sesepa ka metsotswana e 20
- Hlapa kapa o tlotse matsoho ka sebolaya-dikokwanahloko pele le kamora hore o tshware dintho tsa bana (tse kang dibapadiswa).
Nakong ya Dijo:
- Hlapa matsoho a hao ka metsi le sesepa ka metsotswana e 20 pele o lokisa dijo kapa o jesa ngwana wa hao.
- Phumula dibaka tsohle tseo o neng o etsetsa dijo ho tsona ka metsi le sesepa kapa bleach bo hlapolotsweng ka metsi. Hopola ho beha bleach hole moo bana ba kekeng ba bo fihlela hobane e ka ba tjhefu ho bana.
- Bakeng sa masea a ka hodimo ho dikgwedi tse tsheletseng, lokisa dijo e sa le pele bakeng sa ho a fepa bonyane makgetlo a mahlano ka letsatsi.
- Ho bana ba seng ba le baholo, leka ho lokisa dijo e le hore ba ka ja bonyane makgetlo a mararo ka letsatsi.