Categories
Sesotho

How do you know if you’re depressed: O ka tseba jwang haeba o tetebetse maikutlong?

Ho tlwaelehile hore batho ba ka ngongoreha dinakong tsena tse thata tsa COVID-19. Ka dinako tse ding ho ngongoreha kapa kgatello ya maikutlo, kapa taba ya ho se kgone ho kopana le batho ba bang e ka etsa hore o tetebele maikutlong. O ka tseba jwang haeba o tetebetse maikutlong? Tsena ke tse ding tsa dintho tseo o ka bonang ka tsona:

  • O utlwa moya wa hao o le fatshe, o tetebetse kapa o felletswe ke tshepo
  • O nahana haholo
  • O nahana dintho tse mpe tse o utlwisang bohloko
  • O utlwa o sa batle ho buisana le batho ba bang esita le hoja o ka kgona ho ba founela kapa ho bua le bona ka WhatsApp
  • O utlwa o sa batle ho etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa ha o le lapeng tse kang ho apara, ho hlwekisa le ho pheha
  • Ha o kgone ho iketla
  • O dula o kgathetse ka dinako tsohle
  • Haho na letho le o thabisang
  • O utlwa o batla ho itematsa kapa ho ipolaya

Haeba o na le a mang a matshwao ana nakong e fetang dibeke tse pedi, ka kopo buisana le motho e mong.

Mehala ya Thuso

(E leke kgafetsa hobane e phathahane)

  • South African Depression and Anxiety Group (SADAG) www.sadag.org – e na le dinomoro tse ngata 0800 21 22 23 kapa 0800 456 789 kapa 0800 20 5026 le tse ding
  • Lifeline general 0861 322 322 le nomoro ya thuso ya AIDS 0800 012 322
  • SANCA bakeng sa mathata a Jwala le Dithethefatsi Nomoro ya WhatsApp 076 535 1701 
  • Nomoro ya Bana 0800 055 555