Motho e mong le e mong o ngongorehile nakong ena e thata ya COVID-19. Ho tlwaelehile hore batho ba ikutlwe ka tsela ena tlasa maemo ana. Empa batho ba bang ba tshoha le ho ngongoreha ho feta tekano. O ka tseba jwang haeba o ngongorehile ho feta tekano?
- O tshwenyehile haholo ka hore o ka fumana tshwaetso ya COVID-19 (le hoja o ntse o latela ditsela tsa ho itshireletsa tse kang ho dula lapeng, ho siya sebaka dipakeng tsa hao le ba bang le ho hlapa matsoho kgafetsa)
- Ha o kgone ho robala hobane o dula o ngongorehile
- O dula o bala le ho mamela ditaba tse buang ka COVID-19 ka dinako tsohle
- Ha o kgone ho iketla kapa ho kgaotsa ho ngongoreha
- O dula o tshohile hore ho na le ntho e mpe e tlo etsahala
- O utlwa batho ba bang ba o tena ntle ho lebaka
- Ha o sa kgona ho etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa jwaloka ho apara, ho pheha kapa ho hlwekisa
- O utlwa molala, mahetla le mokokotlo wa hao di le bohloko kapa o kgathatswa ke mala ka lebaka la ho ngongoreha ho sa feleng
Haeba o ikutlwa o ngongorehile haholo, ka kopo buisana le motho e mong.
Mehala ya Thuso
(E leke kgafetsa hobane e phathahane)
- South African Depression and Anxiety Group (SADAG) www.sadag.org – e na le dinomoro tse ngata 0800 21 22 23 kapa 0800 456 789 kapa 0800 20 5026 le tse ding
- Lifeline general 0861 322 322 le nomoro ya thuso ya AIDS 0800 012 322
- SANCA bakeng sa mathata a Jwala le Dithethefatsi Nomoro ya WhatsApp 076 535 1701
- Nomoro ya Bana 0800 055 555