Dinakong tsena tse thata, bomme ba bang ba kanna ba tlelwa ke maikutlo a mabe. Ba bang ba ka ikutlwa hampe hoo ba ka nahanang ho ipolaya.
Na:
- o ikutlwa o thaba o bile o felletswe ke tshepo ka dinako tsohle?
- o utlwa o sa thabele letho?
- o batla ho dula o le mong?
- o bona ho se na tshepo ya hore maemo a hao a tla loka?
- o bona eka dintho di ka be di le molemo haeba o ne o le siyo?
- o nahana ho intsha kotsi?
- o tshaba hore o ka utlwisa lesea kapa ngwana wa hao kotsi?
- o nahana kamoo o ka lematsang lesea kapa ngwana wa hao?
Haeba o ikutlwa ka tsela ena, batla motho eo o ka wa buang le yena. Menahano ena e ka fetoha ya ba ya fela.
Batla thuso ya ditsebi. Buisana le setsebi sa maikutlo, mooki, ngaka kapa setsebi sa kelello. Ditshebeletso tsa kelello di balellwa hara tse bohlokwa nakong ya thibelo ya motsamao.
Mehala ya Thuso
(E leke kgafetsa hobane e phathahane)
- SADAG Mohala wa thuso bakeng sa ba batlang ho ipolaya 0800 567 567 kapa sms 31393. matsatsi a supileng a beke 8 hoseng ho isa ho 8 bosiu
- Lifeline South Africa 0861 322 322 ka dinako tsohle