Categories
PIP Sesotho

How will I know if my child has COVID-19: Ke tla tseba jwang ha ngwana wa ka a tshwaeditswe ke COVID-19, hona ke eng seo ke tlamehang ho se etsa?

Ho ka etsahala hore ngwana wa hao o tshwaeditswe ke COVID-19 haeba a na le a mang a matshwao ana: ho kgohlela, mmetso o bohloko, ho kwaleha, ho lahlehelwa ke tatso kapa bokgoni ba ho fofonela ho tsamayang le feberu, ho fellwa ke matla, mesifa e bohloko kapa letshollo. Ho ka etsahala hore ngwana a be le COVID19 empa a dula a phetse hantle mme a sa bontshe matshwao hohang.

Ho ka etsahala hore motho a be le tshwaetso ya COVID-19 esita le hoja a bonahala a ntse a phetse hantle.

Ke eng seo o ka se etsang?

  • Jwalo ka mefuta e meng ya mokgohlane, ha ho na pheko e kgethehileng ya COVID-19
  • Fana ka paracetamol bakeng sa feberu le mahlaba
  • Ngwana wa hao le ditho tsohle tse ding tsa lelapa ba lokela ho dula hae le ho ikarola ka matsatsi a 14
  • Ho bana ba bangata, diteko tsa COVID-19 di tla etswa feela haeba ho hlokahala hore ba ye sepetlele
  • Phomola ka ho lekaneng mme o je dijo tse nang le phepo

Haeba o ngongorehile ka ngwana wa hao (a thatafallwa ke ho hema kapa a fokola):

  • Letsetsa ambulense haeba o nahana hore o hloka thuso e potlakileng
  • Letsetsa tleliniking kapa ngakeng bakeng sa ho fumana keletso