Categories
PIP Sesotho

What Can I Expect if my Child has to be Admitted to Hospital: Ho amohelwa sepetlele

Ke eng seo nka se lebellang haeba ngwana wa ka a amohelwa sepetlele?

Haeba ho etsahala hore ngwana wa hao a tlamehe ho amohelwa sepetlele, dingaka di tla nka disampole nkong le molomong wa ngwana wa hao ho bona hore na ha a na tshwaetso ya COVID-19. Ke nnete hore sena ha se ntho e monate, empa le teng ha e bohloko. Ka tlwaelo sephetho se nka matsatsi a mabedi ho isa ho a mararo. Baoki le dingaka tse hlokomelang ngwana wa hao di tla apara diaparo tsa tshireletso e hodimo ho fihlela sephetho se bontsha hore na o na le tshwaetso kapa tjhe. Dipetleleng tse ding, motswadi kapa motho ya tla beng a hlokometse ngwana ha a ntse a le sepetlele le yena o etswa diteko. Sena se etswa hobane batswadi ba bang ha ba bontshe matswhao le hoja ba na le tshwaetso ya COVID-19. Ngwana wa hao a ka amohelwa diwateng tse fapaneng tsa sepetlele ho itshetlehile ka hore na o na le tshwaetso kapa tjhe.

Nka reng ho ngwana wa ka haeba a lokela ho ya sepetlele?

O ka thusa ngwana wa hao ho itokisa e sa le pele ka ho mo bolella hore motho e mong le e mong ya sepetlele o tla be a rwetse maske le diaparo tse sireletsang e le ho thibela ho nama ha vaerase ya COVID-19. O ka mo bolella hore ho na le diteko tseo dingaka di tla di etsa ho yena, empa a se ke a tshoha hobane o tla be o ntse o na le yena.

Ke dintho dife tseo ke lokelang ho tla le tsona le tseo ke sa lokelang ho tla le tsona?

Ka kopo tsamaya le maske wa hao wa lesela, Bukana ya ngwana ya tliliniki, tokomane ya hao ya boitsebiso le founu. Ka tlwaelo, dipetlele tse ngata ha di kgothalletse batho ho tla le dikobo kapa diaparo tsa ngwana sepetlele kaha ho ka etsahala hore di na le divaerase ho tsona.

Na ke tla dumellwa ho dula le ngwana wa ka sepetlele?

Haeba ha o eso be haufi le motho ya nang le tshwaetso ya COVID-19 dibekeng tse pedi tse fetileng ebile o sa bontshe matshwao, o ka kgona ho dula le ngwana wa hao diwateng tse ngata tsa sepetlele. Maemo feela a ka o thibelang ho ba mmoho le ngwana wa hao ke haeba a amohetswe wateng ya batho ba kulang haholo (ICU). Haeba o e na le matshwao a COVID-19 kapa o tshwaeditswe ke yona matsatsing a leshome a fetileng, o keke wa dumellwa ho dula le ngwana wa hao. O ka kopa setho se seng sa lelapa se phetseng hantle hore se dule le ngwana sepetlele bakeng sa hao.