Ho itshetlehile ka hore na ba ne ba atamelane hakae. Batho ba atamelaneng haholo ke bao sebaka se dipakeng tsa bona se leng ka tlase ho mithara mme ba le hammoho nako e fetang metsotso e leshome le metso e mehlano mme a le mong kapa ka bobedi ba bona ba sa rwala maske.
- Lapeng: ho bonolo ho atamelana le batho ba o dulang le bona, kahoo ngwana wa hao o lokela ho dula hae ka matsatsi a 14, esita le haeba a ntse ba phetse hantle mme a sa bontshe matshwao a COVID-19.
- Sekolong: haeba ngwana a atamelane le motho ya nang le tshwaetso sekolong (titjhere kapa moithuti e mong), o lokela ho dula hae ka matsatsi a 14.
- Haeba ngwana a sa atamela haufi le motho ya nang le tshwaetso, haho hlokahale hore a dule hae.