What happens when I go into labour?
- Basadi ba nang le COVID-19 kapa bao e bang ba na le yona ba pepa ka tsela e tlwaelehileng mme ha ho hlokahale hore ba pepe ka mofuta o ikgethileng o kang wa ho sehwa. Tlhokomelo e tlwaelehileng ya ho manamisa lesea le ho le antsha ho lokela ho qala mohla tswalo.
- Basadi ba fihlang kokelong ba le haufi le ho pepa ba tla hlahlobisiswa bakeng sa matshwao a COVID-19.
- Haeba mohlomong, kapa ruri o na le COVID-19, o tla hlokomellwa sebakeng se ka thoko mme basebeletsi ba kalafo ba tla apara diaparo tsa tshireletso. O tla koptjwa ho kenya maske ho thibela hore o seke wa tshwaetsa bakudi ba bang kapa basebeletsi ba kalafo.
- Haeba o se na COVID-19, o tla hlokomellwa tulong e tlwaelehileng ya ho pepa le bakudi ba bang
Leha bafelehetsi nakong ya ho pepa ba tshehetsa basadi ba tlilong ho pepa, dibaka tse ding ha di ba dumelle ho ba teng nakong ena ya sewa sa COVID-19. Sena ke ho thibela vaerase ho namela ho batho ba se nang matshwao ho ya ho bakudi ba bang, masea a sa tswa tswalwa kapa basebeletsi ba kalafo. O lokela ho botsa ba kokelo ya hao ka leano la bona. Haeba o kgona, leka ho ikopanya le motho ya o tshehetsang ka mohala, nakong eo o leng haufi le ho pepa.