Coping with stress as a mother during COVID-19
Jwaloka mme, o ka nna wa ba le kgatello e matla ya kelello le dingongoreho nakong ya COVID-19. Maele a ka o thusang ho sebetsana le kgatello ya kelello ke ana nakong ena. O ka e etsa ntho ena!
- Lemoha, bolela le ho amohela maikutlo a hao. Ke dikarabelo tse tlwaelehileng maemong a sa tlwaelehang.
- Fokotsa nako eo o shebellang ditaba ka yona haeba di o bipetsa.
- Thola dinnete mehloding e tshepahalang feela. Ditaba tsa leshano di ngata.
- Etsa ntho tse bonolo hore o se nahane ka maemo a renang.
- Kopa tshehetso ho ba lelapa, metswalle kapa moeletsi.
- Haeba o kgona, ho thusa ba bang nakong ena ho ka etsa o ikutlwe betere.
Dinomoro
(Dula o letsa kaha di ka ba maphathephathe)
- Sehlopha sa Afrika Borwa sa Tetebelo le Letshoho (SADAG) www.sadag.org – se na le mehala e mengata ya thuso 0800 21 22 23 kapa 0800 456 789 kapa 0800 20 5026 le tse ding
- Lifeline general 0861 322 322 le AIDS Helpline 0800 012 322
- Childline 0800 055 555