Coping with depression, anxiety and addictions during COVID-19
Nakong ya COVID-19, batho ba seng ba ntse ba phela ka tetebelo, letshoho kapa bokgoba ba ka ikutlwa maemo a bona a mpefala. Sena se a utlwahala.
- Haeba o nwa meriana, o seke wa e tlohela ntle le ho bua le ngaka ya hao
- Haeba o na le moeletsi, etsa matsapa a ho buisana ka founu kapa inthanete
- Haeba o se na moeletsi, mme o sa ikutlwe hantle, letsetsa mohala wa thuso –sheba ka tlase mona
- Phenya inthanete bakeng sa thuso
- Hopola hore tahi kapa dithethefatsi di ka mpefatsa maemo kamora moo
- Fumana tshehetso. Kopa motho e mong a tle ho dula le wena. Kapa ikopanye le metswalle le ba lelapa ka inthanete kapa mohala.
- Itlhokomele. O seke wa ikahlola. O ka hlola sena.
Dinomoro
(Dula o letsa kaha di ka ba maphathephathe)
- Sehlopha sa Afrika Borwa sa Tetebelo le Letshoho (SADAG) www.sadag.org – se na le mehala e mengata ya thuso 0800 21 22 23 kapa 0800 456 789 kapa 0800 20 5026 le tse ding
- Lifeline general 0861 322 322 and their AIDS Helpline 0800 012 322
- SANCA for Alcohol and Drug problems WhatsApp line 076 535 1701
- Childline 0800 055 555