Categories
Physical Health Sesotho

Ke moimana mme ke sebedisa dipalangwang tsa setjhaba ho ya tleliniking. Na ke ntse ke lokela ho ya tleliniking?

I am pregnant and use public transport to get to the clinic. Should I still go to the clinic?

Haeba o kgona, tsamaya ka maoto ho phema ho atamelana le batho ba bang. Haeba o lokela ho palama tekesi, leka ho bula sekgeo pakeng tsa hao le ba bang. O lokela ho nka mehato e tshwanang ho phema tshwaetso ya COVID-19 jwaloka ba bang. O ka thusa ho itshireletsa ka ho:

  • Kenya maske wa lesela  ha o le bathong
  • Hlapa matsoho kgafetsa kamoo o ka kgonang ka sesepa metsotswana e 20 (kapa sebedisa senyanyatsi sa motswako wa tahi).
  • Leka ho bula sekgeo sa dimithara tse fetang tse 2 hole le ba bang mme o pheme dibaka tse tletseng batho.
  • Phema ho ama sefahleho sa hao.
  • Itlwaetse Bohlweki ba phefomoloho.  Sena se bolela ho kgohlella kapa o ithimolele ka hara setswe se mennweng o kwahele molomo le nko, kapa ka hara thishu eo o lokelang ho e lahlela ka moqomong o kwalehang mme o hlape matsoho ka sesepa metsotswana e 20.

Haeba o na le feberu, o kgohlela kapa o hema ka thata, batla tlhokomelo ya bongaka kapele. Bakeng sa keletso mabapi le seo o lokelang ho se etsa le moo o ka lebang teng, letsetsa mohala wa thuso wa mahala wa COVID-19 (0800 029 999/0800 111 132).

Baimana le basadi ba sa tswa beleha haufinyana – ho kenyeletsa ba anngweng ke COVID-19 – ba lokela ho kenela dinako tsa bona tse tlwaelehileng tsa tlhokomelo.

Haeba o kgona, letsa pele o leba tleliniking, ho utlwa haeba ho na le meralo e ikgethileng bakeng sa diketelo tsa boimana le tsa kamora ho pepa.