Categories
Physical Health Sesotho

Ke tla phekolwa jwang haeba ke tshwerwe ke COVID-19?

How will I be treated if I get sick with COVID-19?

Haeba diteko di bontsha tshwaetso ya COVID-19

  • Boimaneng bo qalang o tla alafelwa lapeng (ho ikwalla) kapa sebakeng se seng moo ho nang le batho ba bang ba nang le COVID-19 kapa ba belaellwang.
  • Boimaneng bo mahareng (kamora dikgwedi tse 5) o tla alafelwa lapeng (matshwao a bobebe mme o e so pepe), sebakeng se bolokehileng le batho ba nang le tshwaetso, kapa setsheng sa bopepisi haeba o se o le haufi le ho pepa.
  • Haeba o na le matshwao a matla a kang feberu e matla le ho fellwa ke moya o tla amohelwa sepetlele se ikgethileng se nang le sebaka sa bopepisi, moo o ka nnang wa alafelwa phaposing ya bakudi ba kulang haholo.
  • Haeba o belehile, o lokela ho ba mmoho le lesea le ho le antsha o ntse o kentse maske.

Basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo ba o hlokometseng ba tla apara diaparo tsa tshireletso mme ba o behe sebakeng se arohaneng le sa bakudi ba bang. O seke wa kgathatseha ke sena; ke ho ba sireletsa le ho sireletsa basadi ba bang hore ba se tshwaetswe ke vaerase ya corona.