Should I still go to the clinic during pregnancy?
Eya. Basadi ba baimana ba lokela ho tswella ho etela tleliniki. Kenya maske wa lesela. Ha o fihla setsheng seo, o tla botswa dipotso ka COVID-19, ho lekolwe motjheso wa hao le ho jwetswa hore o sebedise senyanyatsi sa matsoho. Basadi ba nang le matshwao ( a feberu, ho kgohlela ho ommeng, mesifa e bohloko, mmetso o bohloko, bothata ba ho hema) ba tla hlokomelwa phaposing e ikgethileng mme ba hlahlobuwe. Haeba o e na le matshwao a matla, mohlala, feberu e matla kapa ho hema ka thata, o ka nna wa robatswa kapa wa fetisetswa sepetlele kapa wa koptjwa ho ikwalla lapeng ha o ntse o emetse sephetho sa diteko tsa COVID-19.