Ngwanaka o na le matshwao a ntaramane a qadileng maobane. Ke etse eng?
Bana ba na le ho ba le mofuta wa ntaramane e seng kae ya bohloko ba COVID-19 haeba ba ka tshwaetswa. Feela ba ka tshwaetsa ba bang ha bonolo. Ha re tla kena sehleng sa ntaramane, bana ba ka ba le divaerase tse ding ntle le ya Corona nakong ena. Matshwao a divaerase tsena a ka tshwana haholo le a COVID-19.
O lokela ho nka mehato e tlwaelehileng ya ho phema COVID-19:
- Hlapa matsoho kgafetsa kamoo o ka kgonang ka sesepa metsotswana e 20 (kapa sebedisa senyanyatsi sa motswako wa tahi)
- Dula lapeng
- Haeba o antsha, tswela pele ka ho antsha
- Ruta ngwana ho phema ho ama sefahleho sa hae.
- Ruta ngwana hao bohlweki ba phefomoloho. Sena se bolela hore a kgohlelle le ho ithimolela setsweng se mennweng a kwahetse molomo le nko, kapa ka hara thishu eo a lokelang ho e lahlela hanghang ka moqomong o kwalehileng mme a hlape matsoho ka sesepa metsotswana e 20.
- Haeba ngwana a na le feberu, a kgohlela kapa a hema ka thata, batla thuso ya bongaka kapele. Bakeng sa keletso ya hore o ka etsa eng le hore o lebe kae, letsetsa mohala wa thuso wa mahala wa COVID-19 (0800 029 999/0800 111 132).