Categories
Physical Health Sesotho

Nka sireletsa lesea la ka jwang ho COVID-19?

How can I protect my newborn baby from COVID-19?

  • Ho antsha: qala ka ho hlapa matsoho ka nepo. Haeba o na le COVID-19, antsha o kentse maske.
  • Kuka lesea o le manamisitse sefubeng  (feela etsa le dule le futhumetse).
  • Bohle ba ka tlung ba lokela ho dula ba hlapa matsoho ka sesepa metsotswana e 20 (kapa ba sebedisa senyanyatsi se nang le motswako wa tahi).
  • Kgetha feela batho ba bang ba babedi kapa ba bararo ho o thusa ka lesea. Bohle ba dulang ba e na le lesea ba lokela ho dula ba hlapa matsoho metsotswana e 20 pele le kamora ho ama lesea. Le bona ba lokela ho sebedisa dimaske tse hlwekileng, tse iketseditsweng lapeng nakong eo lesea le leng pela bona.
  • Ha ba a lokela ho ama difahleho tsa bona le sa lesea.
  • Ho se be le motho ya akang lesea.
  • Haeba ho kgoneha, batho ba bang ba lokela ho ba hole le lesea ka bonyane 1-2m  le motho ya salang le lesea.
  • Boloka dibaka tsa ka tlung di hlwekile. Sebedisa dikgabana tse  4 tsa boletjhi lithareng e 1 ya metsi. Beha boletjhi hole le bana.