How can I protect my baby from COVID-19 when I live with an extended family and some work out of the house?
Haeba o dula le lelapa le leholo, o lokela ho nka mehato e tshwanang ya ho phema tshwaetso ya COVID-19 jwaloka ba bang. Wena le ngwana hao le ka thusa ho itshireletsa ka ho:
- Hlapa matsoho kgafetsa kamoo o ka kgonang ka sesepa metsotswana e 20 (kapa sebedisa senyanyatsi sa motswako wa tahi)
- .
- Phema ho ama sefahleho sa hao.
- Itlwaetse bohlweki ba phefomoloho. Sena se bolela ho kgohlella kapa o ithimolele ka hara setswe se mennweng o kwahele molomo le nko, kapa ka hara thishu eo o lokelang ho e lahlela ka moqomong o kwalehang mme o hlape matsoho ka sesepa metsotswana e 20.
- O seke wa dumella ditho tsa lelapa ho kuka ngwana hao ntle le haeba ba hlapile matsoho ka nepo pele le kamora ho kuka ngwana mme ba sebedise maske o iketseditsweng lapeng o hlwekileng nako le nako
- Phema ho aka lesea molomong kapa sefahlehong.
- Bula difenstere ha ho kgoneha mme o boloke dibaka tsa ka tlung di hlwekile ka dikgabana tse 4 tsa boletjhi lithareng e 1 ya metsi. Beha boletjhi hole le bana.
Haeba o na le feberu, o kgohlela kapa o hema ka thata, batla tlhokomelo ya bongaka kapele. Bakeng sa keletso mabapi le seo o lokelang ho se etsa le moo o ka lebang teng, letsetsa mohala wa thuso wa mahala wa COVID-19 (0800 029 999/0800 111 132).